30. Naha ya bona ke ho tloha Mahanaime, Bashane kaofela, mmuso wohle wa Oge, morena wa Bashane, le metsana yohle ya Jaire, e Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng;
31. le sekoto sa Gileade, le Ashtarothe, le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane, ya eba ya bana ba Makire, mora Manasse, ke ho re, ya mothapo wa bana ba Makire ka matlo a bona.
32. Ke wona mafa ao Moshe a neng a a abile a le mahwatateng a Moabe, mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabela ho Jeriko.