Joshua 13:26-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. le ho tloha Heshbone ho isa Ramathe-Mitspa le Bethonime; le ho tloha Mahanaime, ho isa moeding wa Debire.

27. Lehwatateng ke Bethe-Arame, le Bethe-Nimra, le Sukkothe, le Tsafone, e leng ho setseng ha mmuso wa Sihone, morena wa Heshbone; Jordane ke moedi wa teng, ho isa phellong ya letsha la Kinnerethe, mose wane wa Jordane, nqa botjhabela.

28. Ke lona lefa la bana ba Gade, ka matlo a bona, le metse le metsana ya teng.

Joshua 13