Joshua 13:23-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Moedi wa bana ba Rubene e ne e le Jordane, lebopong la yona. Ke lona lefa la bana ba Rubene, ka matlo a bona; ke yona metse le metsana ya bona.

24. Moshe o ne a neile leloko la Gade lefa, e leng bana ba Gade, ka matlo a bona.

25. Naha ya bona e ne e le Jaesere, le metse yohle ya Gileade, le sekoto sa naha ya bana ba Ammone, ho isa Aroere, o maloka le Rabba;

26. le ho tloha Heshbone ho isa Ramathe-Mitspa le Bethonime; le ho tloha Mahanaime, ho isa moeding wa Debire.

27. Lehwatateng ke Bethe-Arame, le Bethe-Nimra, le Sukkothe, le Tsafone, e leng ho setseng ha mmuso wa Sihone, morena wa Heshbone; Jordane ke moedi wa teng, ho isa phellong ya letsha la Kinnerethe, mose wane wa Jordane, nqa botjhabela.

28. Ke lona lefa la bana ba Gade, ka matlo a bona, le metse le metsana ya teng.

29. Hape, Moshe o ne a neile ba mothapo wa leloko la Manasse lefa; lefa la mothapo o mong wa bana ba Manasse la dula jwana:

Joshua 13