Joshua 13:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. le mmuso wohle wa Oge, Bashane, ya neng a busa Ashtarothe le Edrei, ya neng a setse wa Barefaime; Moshe o ne a ba hlole, a ba a ba leleka.

13. Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba ka ba leleka Bageshure, leha e le Bamaakathe; Bageshure le Bamaakathe ba ahile Iseraeleng ho fihlela kajeno.

14. Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.

15. Moshe o ne a se a abetse leloko la bana ba Rubene lefa, ka matlo a bona.

16. Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;

17. ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone

18. le Jaatse, le Kedemothe, le Mefaathe;

19. le Kiryathaime, le Sibma, le Tserethe-Hashahare, thabeng ya lehwatata;

20. le Bethe-Peore, le matswapo a Pisga, le Bethe-Jeshimothe;

21. le metse yohle e ka lehwatateng, le mmuso wohle wa Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, eo Moshe a neng a mo hlotse, yena le dikgosana tsa Midiane e e leng Evi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, bao e neng e le batho ba Sihone, ha ba ntse ba ahile fatsheng leo.

22. Baalame, mora Beore, senohe, le yena o ne a bolailwe ka lerumo ke bana ba Iseraele, hara ba bang ba bolailweng.

23. Moedi wa bana ba Rubene e ne e le Jordane, lebopong la yona. Ke lona lefa la bana ba Rubene, ka matlo a bona; ke yona metse le metsana ya bona.

Joshua 13