1. Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruuwe.
2. Fatshe le sa setseng, ke naha yohle ya Bafilesta le naha yohle ya Bageshure;
3. ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.
4. Hape ke naha ya Baavve ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Bakanana, le Meara eo e leng wa Basidone, ho isa Afeke, le moeding wa Baamore.
5. Hape, ke fatshe la Bagible le Lebanone kaofela nqa botjhabatsatsi, ho tloha Baale-Gade tlasa thaba ya Hermone, ho isa haufi le Hamathe.