1. Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruuwe.
2. Fatshe le sa setseng, ke naha yohle ya Bafilesta le naha yohle ya Bageshure;
3. ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.
4. Hape ke naha ya Baavve ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Bakanana, le Meara eo e leng wa Basidone, ho isa Afeke, le moeding wa Baamore.
5. Hape, ke fatshe la Bagible le Lebanone kaofela nqa botjhabatsatsi, ho tloha Baale-Gade tlasa thaba ya Hermone, ho isa haufi le Hamathe.
6. Bohle ba ahileng sehlabeng, ho tloha Lebanone ho isa Misrefothe-Maime, Basidone kaofela,
7. ke tla ba leleka pela bana ba Iseraele; feela, o nne o abe dinaha tseo ka ho di laola ka lotho, e be lefa la Baiseraele, jwalokaha ke o laetse. O abe naha eo, e be lefa la meloko e robileng mono o le mong hammoho le la mothapo o mong wa leloko la Manasse.
8. Haele Barubene, le Bagade, le mothapo o mong wa Manasse, ba nkile lefa leo Moshe a neng a ba neile lona mose wane wa Jordane, nqa botjhabela, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a ba neile;
9. ho tloha Aroere o lebopong la sekgutlo sa Arnone, le motseng o hara sekgutlo, sehlaba sohle sa Medeba ho isa Dibone;
10. le metse yohle ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, ho isa moeding wa bana ba Ammone,