Joshua 12:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ke ana marena a hlotsweng ke Joshua le bana ba Iseraele mose o kwano wa Jordane, nqa bophirimela, ho tloha Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, ho isa thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire; fatshe leo Joshua a le nea meloko ya Baiseraele hore e be lefa la bona ka methapo ya bona;

8. dithaba, le dikgutlo, le mahwatata, le maralla, le lefeela, le naha e ka nqa borwa; e leng lefatshe la Bahethe, le la Baamore, le la Bakanana, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse.

9. Morena wa Jeriko ke e mong; e mong, ke morena wa Ai, o haufi le Bethele;

10. morena wa Jerusalema ke e mong; e mong hape, ke morena wa Hebrone;

11. e mong, ke morena wa Jarmuthe; e mong, ke morena wa Lakishe;

12. e mong, ke morena wa Eglone; e mong, ke morena wa Gesere;

13. morena wa Debire ke e mong; e mong, ke morena wa Gedere;

14. e mong, ke morena wa Horma; e mong hape, ke morena wa Arade;

15. e mong ke morena wa Libna; e mong, ke morena wa Adullame;

16. e mong, ke morena wa Makkeda; e mong, ke morena wa Bethele;

Joshua 12