Joshua 12:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga.

4. Ba rua le naha ya Oge morena wa Bashane, ya neng a setse wa Baefraime ba ahileng Ashtarothe le Edrei;

5. o ne a busa thaba ya Hermone, le Salka, le Bashane kaofela, ho isa naheng ya Bageshure, le Bamaakathe, le sekoto se seng sa Gileade, moedi wa Sihone, morena wa Heshbone.

6. Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.

7. Ke ana marena a hlotsweng ke Joshua le bana ba Iseraele mose o kwano wa Jordane, nqa bophirimela, ho tloha Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, ho isa thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire; fatshe leo Joshua a le nea meloko ya Baiseraele hore e be lefa la bona ka methapo ya bona;

8. dithaba, le dikgutlo, le mahwatata, le maralla, le lefeela, le naha e ka nqa borwa; e leng lefatshe la Bahethe, le la Baamore, le la Bakanana, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse.

9. Morena wa Jeriko ke e mong; e mong, ke morena wa Ai, o haufi le Bethele;

10. morena wa Jerusalema ke e mong; e mong hape, ke morena wa Hebrone;

11. e mong, ke morena wa Jarmuthe; e mong, ke morena wa Lakishe;

12. e mong, ke morena wa Eglone; e mong, ke morena wa Gesere;

13. morena wa Debire ke e mong; e mong, ke morena wa Gedere;

14. e mong, ke morena wa Horma; e mong hape, ke morena wa Arade;

15. e mong ke morena wa Libna; e mong, ke morena wa Adullame;

Joshua 12