13. Empa Baiseraele ha ba ka ba tjhesa motse le o mong ho metse yohle e dithabeng, haese Hatsore feela; wona Joshua o ile a o tjhesa.
14. Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.
15. Jwalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka wa hae Moshe, le yena Moshe a laetse Joshua, le yena Joshua a etsa jwalo. Ha a ka a feta taba leha e le nngwe ya tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.
16. Joshua a hapa lefatshe leo lohle, ka dithaba, le naha yohle e ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Goshene, le dikgutlo, le lehwatata, le dithaba tsa Iseraele, le dikgutlo tsa tsona,
17. ho tloha thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire ho ya fihla Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, katlase ho thaba ya Hermone; a tshwara le marena wohle a teng, a a hlaba, a a bolaya.
18. Joshua a lwana le marena ao wohle ka tshiu tse ngata.
19. Ha ho a ka ha eba motse o etsang kgotso le bana ba Iseraele, haese Baheve ba ahileng Gibeone; ba kena metse kaofela ka ntwa;
20. hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
21. Mohlang oo, Joshua a ya, a fedisa Baanake ba dithabeng tsa Hebrone, le Debire, le Anabe, le dithabeng tsohle tsa Juda, le dithabeng tsohle tsa Iseraele; Joshua a ba fedisa le metse ya bona.
22. Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.
23. Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.