1. Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,
2. le ho marena a ka nqa leboya dithabeng, le mahwatateng ka nqa borwa ho Kinnerethe, le dikgutlong, le maralleng a Dore ka nqa bophirimatsatsi,
3. le ho Bakanana ba ka nqa botjhabela le ba ka nqa bophirimela, le ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bajebuse dithabeng, le ho Baheve ba katlase ho Hermone, naheng ya Mitspe.
4. A tswa ka makgotla a wona kaofela, e le batho ba bangata ba ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata, ba ena le dipere le makoloi a ntwa a mangatangata.
5. Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele.
6. Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.
7. Ebile Joshua le bahlabani bohle ba ho yena ba ba tsometsa pela metsi a Merome, ba ba hlasela ka sehloho.
8. Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.
9. Joshua a etsa ka bona kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; a poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, a tjhesa makoloi a bona.
10. Mohlang oo, Joshua a kgutla, a kena Hatsore, a bolaya morena wa teng ka bohale ba lerumo; hobane pele, Hatsore e ne e le motse wa moreneng wa mebuso eo yohle.
11. Ba bolaya le batho le batho bohle ba teng ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ho se ke ha sala letho le phelang; a ntoo tjhesa Hatsore.
12. Joshua a kena le metse yohle ya marena ao, a bolaya marena wohle a teng, a a timetsa ka bohale ba lerumo, a a fedisa, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse.
13. Empa Baiseraele ha ba ka ba tjhesa motse le o mong ho metse yohle e dithabeng, haese Hatsore feela; wona Joshua o ile a o tjhesa.
14. Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.