38. Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba leba Debire, mme ba o lwantsha.
39. A o kena, a bolaya le morena wa teng, a kena le metse yohle ya teng; ba bolaya batho bohle ba teng ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa; ha a ka a siya motho le a mong; jwalokaha a ne a entse ka Hebrone, a etsa jwalo le ka Debire le ka morena wa teng, jwalokaha a ne a entse le ka Libna le ka morena wa teng.
40. Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
41. Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa Gasa, ka naha yohle ya Goshene, ho ya fihla Gibeone.
42. Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.
43. Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba boela diahelong tse Gilgale.