31. Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba feta Libna, ba ya Lakishe, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.
32. Jehova a neela Lakishe matsohong a Baiseraele; ba o kena ka la bobedi, ba bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, jwalokaha ho ne ho entswe Libna.
33. Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.
34. Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba ntoo feta Lakishe, ba ya Eglone, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.
35. Tsatsing lona leo, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo; ka lona letsatsi leo a timetsa batho bohle ba teng, jwalokaha a ne a entse Lakishe.
36. Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba tloha Eglone, ba ya Hebrone, mme ba o lwantsha.
37. Ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, le morena wa teng, le metse yohle ya teng, le batho bohle ba yona; a se ke a siya motho le a mong, jwalokaha a ne a entse Eglone; a o fedisa le batho bohle ba teng.
38. Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba leba Debire, mme ba o lwantsha.
39. A o kena, a bolaya le morena wa teng, a kena le metse yohle ya teng; ba bolaya batho bohle ba teng ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa; ha a ka a siya motho le a mong; jwalokaha a ne a entse ka Hebrone, a etsa jwalo le ka Debire le ka morena wa teng, jwalokaha a ne a entse le ka Libna le ka morena wa teng.
40. Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
41. Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa Gasa, ka naha yohle ya Goshene, ho ya fihla Gibeone.