18. Joshua a re: Thetelang majwe a maholo monyako wa lehaha, le bee banna teng ho a lebela;
19. empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.
20. Joshua le bana ba Iseraele ba qetella ho ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba timeletsa; ba phonyohileng bona ba kena metseng e marako.
21. Jwale, setjhaba sohle sa boela ka kgotso diahelong ho Joshua, Makkeda, ho se motho ya sebang bana ba Iseraele ka leleme la hae.
22. Ebile Joshua o re: Thibollang monyako wa lehaha, le nntshetse lehaheng marena ao a mahlano.
23. Ba etsa jwalo, ba mo ntshetsa lehaheng marena ao a mahlano, e leng morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone.
24. Eitse hobane ba ise marena ao ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele, a re ho balaodi ba bahlabani ba ileng le yena: Atamelang le hate melala ya marena ao ka maoto a lona. Ba atamela, ba hata melala ya wona ka maoto a bona.
25. Joshua a ntoo re ho bona: Se tshabeng, le se ke la tshoha, itiiseng, le be banna; hobane Jehova o tla etsa jwalo le ka dira tsohle tsa lona tseo le tla di lwantsha.
26. Ebile Joshua o a ba hlaba, a ba bolaya, a ba fanyeha difateng tse hlano; ba sala ba fanyehilwe difateng, ya ba ya eba mantsiboya.
27. Ha letsatsi le phirima, Joshua a laela, mme ba ba fanyolla difateng, ba ba lahlela lehaheng leo ba neng ba ipatile ho lona, mme ba thetela majwe a maholo monyako wa lehaha; a sa le teng le kajeno.
28. Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.
29. Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba feta Makkeda, ba ya Libna, mme ba lwantsha Libna.
30. Jehova a o neela matsohong a Baiseraele, le yena morena wa teng; a bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, a se ke a siya motho le a mong teng, a mpa a etsa ho morena wa teng jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.