Joshua 10:14-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ha ho a ka ha eba letsatsi le jwalo, leha e le pele, leha e le morao, leo Jehova a utlwileng lentswe la motho ka lona; hobane Jehova o ne a lwanela Iseraele.

15. Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba kgutlela diahelong tse Gilgale.

16. Empa marena ao a mahlano a baleha, a ipata lehaheng la Makkeda.

17. Joshua a tsebiswa, ha thwe: Marena a mahlano a bonwe, a ipatile lehaheng la Makkeda.

18. Joshua a re: Thetelang majwe a maholo monyako wa lehaha, le bee banna teng ho a lebela;

19. empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.

20. Joshua le bana ba Iseraele ba qetella ho ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba timeletsa; ba phonyohileng bona ba kena metseng e marako.

21. Jwale, setjhaba sohle sa boela ka kgotso diahelong ho Joshua, Makkeda, ho se motho ya sebang bana ba Iseraele ka leleme la hae.

22. Ebile Joshua o re: Thibollang monyako wa lehaha, le nntshetse lehaheng marena ao a mahlano.

23. Ba etsa jwalo, ba mo ntshetsa lehaheng marena ao a mahlano, e leng morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone.

24. Eitse hobane ba ise marena ao ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele, a re ho balaodi ba bahlabani ba ileng le yena: Atamelang le hate melala ya marena ao ka maoto a lona. Ba atamela, ba hata melala ya wona ka maoto a bona.

25. Joshua a ntoo re ho bona: Se tshabeng, le se ke la tshoha, itiiseng, le be banna; hobane Jehova o tla etsa jwalo le ka dira tsohle tsa lona tseo le tla di lwantsha.

Joshua 10