13. Mme letsatsi la ema, le kgwedi ya ema, ho fihlela setjhaba ha se ipheteditse ho dira tsa sona. Ha ke re, hoo ho ngodilwe bukeng ya Ya lokileng na? Letsatsi la ema sebakeng sa lehodimo, mme ha le a ka la phakisa ho dikela, ya batla e eba letsatsi le leng.
14. Ha ho a ka ha eba letsatsi le jwalo, leha e le pele, leha e le morao, leo Jehova a utlwileng lentswe la motho ka lona; hobane Jehova o ne a lwanela Iseraele.
15. Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba kgutlela diahelong tse Gilgale.
16. Empa marena ao a mahlano a baleha, a ipata lehaheng la Makkeda.
17. Joshua a tsebiswa, ha thwe: Marena a mahlano a bonwe, a ipatile lehaheng la Makkeda.
18. Joshua a re: Thetelang majwe a maholo monyako wa lehaha, le bee banna teng ho a lebela;
19. empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.
20. Joshua le bana ba Iseraele ba qetella ho ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba timeletsa; ba phonyohileng bona ba kena metseng e marako.
21. Jwale, setjhaba sohle sa boela ka kgotso diahelong ho Joshua, Makkeda, ho se motho ya sebang bana ba Iseraele ka leleme la hae.
22. Ebile Joshua o re: Thibollang monyako wa lehaha, le nntshetse lehaheng marena ao a mahlano.
23. Ba etsa jwalo, ba mo ntshetsa lehaheng marena ao a mahlano, e leng morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone.