1. Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, ha a utlwa kamoo Joshua a keneng Ai kateng, a o fedisitseng, le hore jwalokaha a ne a entse ka Jeriko le ka morena wa teng, o entse jwalo le ka Ai le ka morena wa teng; le kamoo ba ahileng Gibeone ba entseng kgotso le Baiseraele kateng, ba bileng ba jakile ho bona,
2. a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.
3. Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:
4. Tloong ho nna le nthu-se, re tle re otle Gibeone; hobane ba teng ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.
5. Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.
6. Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.
7. Ebile Joshua o tloha Gilgale, a ya le bahlabani bohle le bahale bohle.
8. Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, etswe ke tla ba neela matsohong a hao; ha ho le a mong ho bona ya tla ema pela hao.