Joshua 10:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, ha a utlwa kamoo Joshua a keneng Ai kateng, a o fedisitseng, le hore jwalokaha a ne a entse ka Jeriko le ka morena wa teng, o entse jwalo le ka Ai le ka morena wa teng; le kamoo ba ahileng Gibeone ba entseng kgotso le Baiseraele kateng, ba bileng ba jakile ho bona,

2. a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.

3. Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:

4. Tloong ho nna le nthu-se, re tle re otle Gibeone; hobane ba teng ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.

5. Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.

6. Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.

7. Ebile Joshua o tloha Gilgale, a ya le bahlabani bohle le bahale bohle.

8. Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, etswe ke tla ba neela matsohong a hao; ha ho le a mong ho bona ya tla ema pela hao.

9. Joshua a fihla ho bona, a ba tsometsa a tsamaile bosiu bohle, haesale a tloha Gilgale.

10. Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.

11. Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.

12. Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!

13. Mme letsatsi la ema, le kgwedi ya ema, ho fihlela setjhaba ha se ipheteditse ho dira tsa sona. Ha ke re, hoo ho ngodilwe bukeng ya Ya lokileng na? Letsatsi la ema sebakeng sa lehodimo, mme ha le a ka la phakisa ho dikela, ya batla e eba letsatsi le leng.

Joshua 10