Joshua 1:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.

9. Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.

10. Ebile Joshua o laela balaodi ba setjhaba, a re:

11. Fetang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tshela Jordane ena, ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona ho le rua.

12. Hape, Joshua a bolella Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, a re:

13. Elellwang taba eo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng yona, mohla a reng: Jehova, Modimo wa lona, o le kgatholotse, o le neile fatshe lena.

14. Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;

15. Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.

16. Ba araba Joshua, ba re: Re tla etsa ka tsohle tseo o re laetseng tsona, re ye le hohle moo o ka re romelang teng.

17. Re tla o utlwa jwalokaha re kile ra utlwa Moshe tabeng tsohle. Feela, Jehova, Modimo wa hao, a be le wena, jwalokaha a bile le Moshe.

18. Motho leha e ka ba mang le mang, ya eisang molomo wa hao, ya sa mamelang mantswe a hao kahohle kamoo o ka re laelang kateng, o tla bolawa. Feela o iphe matla, o etse ka senna.

Joshua 1