1. Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re:
2. Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele.
3. Ke le neile sebaka sefe le sefe moo le tla hata ka bohato ba maoto a lona, jwalokaha ke boleletse Moshe;
4. ho tloha lefeelleng le Lebanone ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate, fatshe lohle la Bahethe, le ho ya fihla Lewatleng le Leholo, ka nqa bophirimatsatsi; ke yona naha ya lona.
5. Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla.
6. Iphe matla, o etse ka senna, hobane ke wena o tla ruisa setjhaba sena fatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona, ka re, ke tla ba nea lona.
7. Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.
8. Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.
9. Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.
10. Ebile Joshua o laela balaodi ba setjhaba, a re:
11. Fetang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tshela Jordane ena, ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona ho le rua.