Jonase 4:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Mme Jonase a thaba haholo ka baka la monyaku oo. Empa hosasane, ha ho esa, Modimo wa hlahisa seboko, sa phunya monyaku, wa ba wa omella.

8. Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.

9. Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.

10. Jehova a re: Wena, o qenehetse monyaku oo o sa kang wa o kgathalla, leha e le ho o medisa, o itlhahetseng ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong!

11. Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!

Jonase 4