3. Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
4. Empa Jehova a re: Na ke hantle ha o hloname na?
5. Yaba Jonase o tswa motseng, a ya dula ka nqa botjhabela ho motse, a iketsetsa lephephe teng, a dula tlasa lona moriting, hore a tle a be a bone se tla hlahela motse.
6. Mme Modimo Jehova a medisa monyaku, wa hola, wa okamela Jonase, hore o etsetse hlooho ya hae moriti, o mo tlose bohloko bo ho yena.
7. Mme Jonase a thaba haholo ka baka la monyaku oo. Empa hosasane, ha ho esa, Modimo wa hlahisa seboko, sa phunya monyaku, wa ba wa omella.
8. Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.