Jonase 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jonase o rapela Jehova, Modimo wa hae, a le ka mpeng ya hlapi,

2. a re: Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, mme a nkutlwa; ke le mpeng ya nqalo ya bafu, ka howeletsa, mme wa utlwa lentswe la ka.

3. Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse.

4. Ka ba ka re: Ke lahlilwe hole le wena; leha ho le jwalo, ke tla boela ke bone tempele ya hao e kgethehileng.

5. Metsi a ne a mpotile ho fihla le moyeng wa ka; bodiba bo ne ba mpotile kahohle, ditlama tsa lewatle di ithatetse hloohong ya ka.

6. Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka.

7. Ya na ya re ha moya wa ka o fela ka ho nna, ka hopola Jehova, mme thapelo ya ka ya fihla ho wena, tempeleng ya hao e kgethehileng.

8. Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang;

9. empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova!

10. Yaba Jehova o laela hlapi, ya hlatsetsa Jonase lebopong.