Jonase 1:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Empa Jehova a tsosa moya o moholo lewatleng, mme ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepe sa ba sa batla se robeha.

5. Yaba ba sekepe ba tshoha, ba rapela e mong le e mong modimo wa hae; ba ba ba lahlela lewatleng mesebetsi e ka sekepeng, ho fokotsa boima ba sona. Haele Jonase, o ne a theohetse kahare ho sekepe, a sekame fatshe, a robetse haholo.

6. Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela.

7. Yaba ba botsana, ba re: Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe na tsietsi eo e re hlahetse ka baka la mang? Ba laola ka lotho, mme lotho ya ntsha Jonase.

8. Yaba ba re ho yena: Re bolelle hle hore tsietsi ena e re hlahela ka baka la mang? Mosebetsi wa hao ke ofe, o tswa kae, ha eno ke kae, o wa setjhaba sefe na?

9. A re ho bona: Ke Moheberu, mme ke tshaba Jehova, Modimo wa mahodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.

10. Yaba banna bao ba tshoha haholo, ba re ho yena: O etseditseng jwalo? Hobane banna bao ba ne ba tseba hore o balehile pela Jehova, etswe a ne a ba boleletse.

11. Ba re ho yena: Re tla o etsa jwang, hore lewatle le tle le re kgutsetse? Hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho halefa.

12. A re ho bona: Nkukeng, le ntahlele lewatleng, mme lewatle le tla le kgutsetsa; hobane ke a tseba hore ke ka baka la ka sefefo sena se seholo se le hlahetseng.

13. Leha ho le jwalo, banna bao ba soka ka matla ho kgutlisetsa sekepe lebopong, ba mpa ba sitwa, hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho ba halefela.

Jonase 1