5. Ha ke sa le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe.
6. Eitse hobane a bue jwalo, a tshwela mathe fatshe, a duba seretse ka mathe ao, mme a neta mahlo a sefofu ka seretse seo,
7. a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.
8. Ba ahisaneng le yena, le ba neng ba mmone pele hore ke mokopi, ba re: Na enwa hase ya neng a dula a kopa na?
9. Ba bang ba ne ba re: Ke yena. Ba bang ba ne ba re: O tshwana le yena. Empa yena a re: Ke nna.
10. Yaba ba re ho yena: Mahlo a hao a tutubolohile ka mokgwa o jwang?
11. A araba, a re: Motho ya bitswang Jesu o entse seretse, mme o nnetile mahlo ka sona, a ntoo re ho nna: Eya letsheng la Silowe, o iphotle. Ke ile, mme hobane ke iphotle, ka bona.
12. Yaba ba re ho yena: Eo o kae? A re: Ha ke tsebe.
13. Ba isa ho bafarisi ya neng o foufetse pele.
14. Athe e be e le ka Sabatha Jesu a entseng seretse, a tutubolla mahlo a hae.
15. Jwale, bafarisi le bona ba mmotsa kamoo a kileng a bona kateng. A re ho bona: O mpeile seretse mahlong, mme ka iphotla, ka ba ka bona.
16. Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona.
17. Ba boela ba re ho sefofu: Wena, o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re: Ke moporofeta.
18. Empa Bajuda ha ba ka ba dumela hobane o ne a foufetse, mme a bile a bona, ho fihlela ha ba bitsa batswadi ba ya neng a boetse a bona.
19. Ba ba botsa, ba re: Na enwa ke mora wa lona, eo le reng o ne a tswalwe a foufetse na? O bona jwang jwale?