Johanne 9:23-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Ke ka baka leo batswadi ba hae ba itseng: O se a na le dilemo, botsang yena.

24. Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.

25. A araba, a re: Ha ekaba ke moetsadibe, teng ha ke tsebe; ke tseba taba e le nngwe, ke hobane ke ne ke foufetse, mme jwale ke a bona.

26. Yaba ba boela ba re ho yena: O ile a o etsa eng? O tutubolotse mahlo a hao jwang?

27. A ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utlwa ka baka lang na? Na le lona le rata ho ba barutuwa ba hae na?

28. Jwale, ba mo rohaka, ba re: Ke wena o leng morutuwa wa hae; rona, re barutuwa ba Moshe.

29. Rona, re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe; haele eo, ha re tsebe moo a tswang teng.

30. Motho eo a ba araba, a re: Taba e makatsang ke ena ya hore ha le tsebe moo a tswang teng, athe o ntutuboletse mahlo.

31. Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.

32. Ha ho eso ho utlwahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ya tswetsweng e le sefofu.

33. Hojane eo hase wa Modimo, o ne a ke ke a tseba ho etsa letho.

34. Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.

35. Jesu a utlwa hobane ba mo lelekile; yare ha a mo fumana, a re ho yena: Na o dumela ho Mora wa Modimo na?

36. A araba, a re: Ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena?

Johanne 9