Johanne 9:21-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Empa haele mokgwa oo a bonang ka wona jwale, ha re o tsebe; le ya tutubolotseng mahlo a hae, ha re mo tsebe; mmotseng e le yena; o se a na le dilemo, o tla ikarabela.

22. Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng.

23. Ke ka baka leo batswadi ba hae ba itseng: O se a na le dilemo, botsang yena.

24. Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.

25. A araba, a re: Ha ekaba ke moetsadibe, teng ha ke tsebe; ke tseba taba e le nngwe, ke hobane ke ne ke foufetse, mme jwale ke a bona.

26. Yaba ba boela ba re ho yena: O ile a o etsa eng? O tutubolotse mahlo a hao jwang?

27. A ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utlwa ka baka lang na? Na le lona le rata ho ba barutuwa ba hae na?

28. Jwale, ba mo rohaka, ba re: Ke wena o leng morutuwa wa hae; rona, re barutuwa ba Moshe.

29. Rona, re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe; haele eo, ha re tsebe moo a tswang teng.

30. Motho eo a ba araba, a re: Taba e makatsang ke ena ya hore ha le tsebe moo a tswang teng, athe o ntutuboletse mahlo.

31. Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.

32. Ha ho eso ho utlwahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ya tswetsweng e le sefofu.

33. Hojane eo hase wa Modimo, o ne a ke ke a tseba ho etsa letho.

34. Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.

35. Jesu a utlwa hobane ba mo lelekile; yare ha a mo fumana, a re ho yena: Na o dumela ho Mora wa Modimo na?

36. A araba, a re: Ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena?

37. Jesu a re ho yena: O mmone, mme e bile ke yena ya buang le wena.

38. Yaba o re: Ke a dumela, Morena. Mme a mo kgumamela.

39. Jesu a re: Ke tlile lefatsheng lena ho etsa kahlolo ya hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba fetohe difofu.

40. Bafarisi ba bang ba nang le yena, yare ha ba utlwa taba tseo, ba re ho yena: Na le rona re difofu na? Jesu a re ho bona:

Johanne 9