Johanne 9:16-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona.

17. Ba boela ba re ho sefofu: Wena, o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re: Ke moporofeta.

18. Empa Bajuda ha ba ka ba dumela hobane o ne a foufetse, mme a bile a bona, ho fihlela ha ba bitsa batswadi ba ya neng a boetse a bona.

19. Ba ba botsa, ba re: Na enwa ke mora wa lona, eo le reng o ne a tswalwe a foufetse na? O bona jwang jwale?

20. Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: Re a tseba hobane enwa ke mora wa rona, le hobane o hlahile a foufetse.

21. Empa haele mokgwa oo a bonang ka wona jwale, ha re o tsebe; le ya tutubolotseng mahlo a hae, ha re mo tsebe; mmotseng e le yena; o se a na le dilemo, o tla ikarabela.

22. Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng.

23. Ke ka baka leo batswadi ba hae ba itseng: O se a na le dilemo, botsang yena.

24. Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.

25. A araba, a re: Ha ekaba ke moetsadibe, teng ha ke tsebe; ke tseba taba e le nngwe, ke hobane ke ne ke foufetse, mme jwale ke a bona.

26. Yaba ba boela ba re ho yena: O ile a o etsa eng? O tutubolotse mahlo a hao jwang?

27. A ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utlwa ka baka lang na? Na le lona le rata ho ba barutuwa ba hae na?

28. Jwale, ba mo rohaka, ba re: Ke wena o leng morutuwa wa hae; rona, re barutuwa ba Moshe.

29. Rona, re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe; haele eo, ha re tsebe moo a tswang teng.

30. Motho eo a ba araba, a re: Taba e makatsang ke ena ya hore ha le tsebe moo a tswang teng, athe o ntutuboletse mahlo.

31. Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.

Johanne 9