1. Eitse Jesu ha a feta, a bona monna esale a tswalwa a foufetse.
2. Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Rabbi, ke mang ya sitilweng, kapa yena, kapa batswadi ba hae, haele moo a tswetswe a foufetse?
3. Jesu a araba, a re: Ha ho a sitwa yena, leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahatswe ka yena.
4. E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona.
5. Ha ke sa le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe.
6. Eitse hobane a bue jwalo, a tshwela mathe fatshe, a duba seretse ka mathe ao, mme a neta mahlo a sefofu ka seretse seo,
7. a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.
8. Ba ahisaneng le yena, le ba neng ba mmone pele hore ke mokopi, ba re: Na enwa hase ya neng a dula a kopa na?
9. Ba bang ba ne ba re: Ke yena. Ba bang ba ne ba re: O tshwana le yena. Empa yena a re: Ke nna.
10. Yaba ba re ho yena: Mahlo a hao a tutubolohile ka mokgwa o jwang?
11. A araba, a re: Motho ya bitswang Jesu o entse seretse, mme o nnetile mahlo ka sona, a ntoo re ho nna: Eya letsheng la Silowe, o iphotle. Ke ile, mme hobane ke iphotle, ka bona.
12. Yaba ba re ho yena: Eo o kae? A re: Ha ke tsebe.
13. Ba isa ho bafarisi ya neng o foufetse pele.