Johanne 8:51-55 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

51. Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.

52. Yaba Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le motemona; Abrahama o shwele, le bona baporofeta; mme wena o re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.

53. Na o moholo ho ntata rona Abrahama na? Yena o shwele, le baporofeta ba shwele; wena, o ipea mang na?

54. Jesu a araba, a re: Ekare ha ke ithorisa e le nna, thoriso ya ka hase letho; ya nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona.

55. Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka.

Johanne 8