37. Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona.
38. Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.
39. Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama.
40. Athe jwale le rata ho mpolaya, nna ke leng motho ya le boleletseng nnete, eo ke e utlwileng ho Modimo; Abrahama ha a ka a etsa hona.
41. Lona, le etsa mesebetsi ya ntata lona. Yaba ba re ho yena: Rona ha re a tswalwa bonyatsing; ntata rona o mong feela, ke Modimo.
42. Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng.
43. Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.
44. Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.
45. Empa nna, kahobane ke bolela nnete, ha le ntumele.
46. Ke mang ho lona ya tla nkgodisa hore ke na le sebe? Ha ke bua nnete, ha le ntumele keng?
47. Eo e leng wa Modimo o utlwa mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, hobane le se ba Modimo.
48. Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?
49. Jesu a araba, a re: Nna, ha ke na motemona, ke mpa ke hlonepha Ntate, empa lona, le a nthlompolla.
50. Ha ke batle thoriso ya ka; o teng ya e batlang, ya ahlolang.
51. Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.