32. le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.
33. Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa?
34. Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe.
35. Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla.
36. Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele.
37. Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona.
38. Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.
39. Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama.
40. Athe jwale le rata ho mpolaya, nna ke leng motho ya le boleletseng nnete, eo ke e utlwileng ho Modimo; Abrahama ha a ka a etsa hona.
41. Lona, le etsa mesebetsi ya ntata lona. Yaba ba re ho yena: Rona ha re a tswalwa bonyatsing; ntata rona o mong feela, ke Modimo.
42. Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng.
43. Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.
44. Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.