Johanne 8:31-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete;

32. le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.

33. Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa?

34. Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe.

35. Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla.

36. Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele.

37. Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona.

38. Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.

39. Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama.

40. Athe jwale le rata ho mpolaya, nna ke leng motho ya le boleletseng nnete, eo ke e utlwileng ho Modimo; Abrahama ha a ka a etsa hona.

41. Lona, le etsa mesebetsi ya ntata lona. Yaba ba re ho yena: Rona ha re a tswalwa bonyatsing; ntata rona o mong feela, ke Modimo.

42. Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng.

43. Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.

Johanne 8