Johanne 8:29-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ya nthomileng o na le nna. Ntate ha a ka a ntlohela ke nnotshi, kahobane ke ntse ke etsa kamehla se mo kgahlisang.

30. Ha a ntse a bolela tseo, ba bangata ba dumela ho yena.

31. Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete;

32. le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.

33. Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa?

34. Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe.

35. Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla.

36. Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele.

37. Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona.

38. Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.

39. Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama.

Johanne 8