27. Ha ba ka ba utlwisisa hore o bua tsa Ntatae ho bona.
28. Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.
29. Ya nthomileng o na le nna. Ntate ha a ka a ntlohela ke nnotshi, kahobane ke ntse ke etsa kamehla se mo kgahlisang.
30. Ha a ntse a bolela tseo, ba bangata ba dumela ho yena.
31. Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete;
32. le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.
33. Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa?
34. Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe.
35. Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla.
36. Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele.
37. Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona.
38. Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona.
39. Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama.