16. Mme leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete; hobane ha ke nnotshi, ke mpa ke na le Ntate ya nthomileng.
17. Esita le molaong wa lona ho ngodilwe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete.
18. Ke nna ke ipakang, mme Ntate ya nthomileng o a mpaka le yena.
19. Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate.
20. Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.
21. Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla.
22. Jwale, Bajuda ba re: Hleka o tla ipolaya, ha a re: Moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla?
23. A mpa a re ho bona: Lona, le ba tlase, nna, ke wa hodimo; lona, le ba lefatshe lena, nna, ha ke wa lefatshe lena.
24. Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona.
25. Yaba ba re ho yena: O mang, wena? Jesu a re ho bona: Ke hlile ke seo ke le boleletseng sona ho qaleng.
26. Ke na le ditaba tse ngata tsa ho le bolela, le tsa ho le ahlola ka tsona; empa ya nthomileng ke wa nnete; mme ditaba tseo ke di utlwileng ho yena ke di bolella lefatshe.
27. Ha ba ka ba utlwisisa hore o bua tsa Ntatae ho bona.
28. Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.
29. Ya nthomileng o na le nna. Ntate ha a ka a ntlohela ke nnotshi, kahobane ke ntse ke etsa kamehla se mo kgahlisang.