12. Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.
13. Empa bafarisi ba re ho yena: O a ipaka e le wena; bopaki ba hao hase ba nnete.
14. Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; hobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng; empa lona, ha le tsebe moo ke tswang teng le moo ke yang teng.
15. Le ahlola ka nama; nna ha ke ahlole motho.
16. Mme leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete; hobane ha ke nnotshi, ke mpa ke na le Ntate ya nthomileng.
17. Esita le molaong wa lona ho ngodilwe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete.