Johanne 8:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mme Jesu a ya thabeng ya Mehlwaare.

2. Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.

3. Yaba bangodi le bafarisi ba mo tlisetsa mosadi ya tshwerweng a boka; mme ha ba mmeile hare,

4. ba re ho yena: Moruti, mosadi enwa o tshwerwe a boka.

5. Jwale, Moshe o re laetse molaong ho tlepetsa ba jwalo ka majwe; na wena, o re eng?

6. Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.

7. Mme kahobane ba ne ba phehella ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: Ya se nang sebe ho lona e be yena ya qalang ho mmetsa ka lejwe.

8. A ntoo boela a inama, a nna a ngola fatshe.

9. Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare.

10. Yaba Jesu o a inamoloha, mme yare ha a bona ho se motho, e le mosadi feela, a re ho yena: Mosadi, baqosi bale ba hao ba kae na? Na ha ho motho ya o tswileng?

11. A re: Ha ho motho, Morena. Jesu a re ho yena: Le nna ha ke o tswe. Eya, mme o se ke wa boela wa etsa sebe.]

Johanne 8