Johanne 7:46-53 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

46. Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.

47. Yaba bafarisi ba ba araba, ba re: Hleka le lona le thetsitswe na?

48. Ke mang ho baholo le ho bafarisi ya dumetseng ho yena?

49. Empa bongata boo, bo sa tsebeng molao, bo rohakilwe.

50. E mong wa bona, Nikodema, ya neng a tlile ho Jesu bosiu, a re ho bona:

51. Na molao wa rona o ka hla wa ahlola motho a eso ho utluwe, ho eso ho tsejwe seo a se entseng na?

52. Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Botsisisa, o lemohe hobane ha ho moporofeta ya hlahileng Galelea.

53. [Jwale ba ikela e mong le e mong tlung ya hae.

Johanne 7