40. Ba bangata hara batho ba bokaneng, eitse ha ba utlwa polelo eo, ba re: Kannete enwa ke moporofeta.
41. Ba bang ba re: Enwa ke Kreste. Empa ba bang ba re: Na Kreste a ka tswa Galelea na?
42. Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?
43. Yaba bongata bo fapana ka baka la hae.
44. Mme ba bang ho bona ba ne ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang matsoho ho yena.
45. Bahlanka ha ba kgutletse ho baprista le ho bafarisi, ba botswa, ha thwe: Ha le a ka la mo tlisa keng?
46. Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.
47. Yaba bafarisi ba ba araba, ba re: Hleka le lona le thetsitswe na?
48. Ke mang ho baholo le ho bafarisi ya dumetseng ho yena?
49. Empa bongata boo, bo sa tsebeng molao, bo rohakilwe.
50. E mong wa bona, Nikodema, ya neng a tlile ho Jesu bosiu, a re ho bona: