Johanne 7:33-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.

34. Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona; le moo ke leng teng, le tla sitwa ho tla.

35. Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?

36. Taba eo a e boletseng e reng, ha a re: Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona, le moo nna ke leng teng, lona le sitwa ho tla?

37. Ka letsatsi la ho qetella mokete, e leng le leholo, Jesu a ema, a howa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.

38. Ya dumelang ho nna, dinoka tsa metsi a kollang di tla kolla mpeng ya hae, jwalokaha Lengolo le boletse.

39. Ka taba eo, o ne a lekanya Moya oo ba dumelang ho yena ba tlang ho o newa; hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho hlahe, kahobane Jesu a ne a eso ho tlotliswe.

40. Ba bangata hara batho ba bokaneng, eitse ha ba utlwa polelo eo, ba re: Kannete enwa ke moporofeta.

41. Ba bang ba re: Enwa ke Kreste. Empa ba bang ba re: Na Kreste a ka tswa Galelea na?

42. Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?

43. Yaba bongata bo fapana ka baka la hae.

44. Mme ba bang ho bona ba ne ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang matsoho ho yena.

45. Bahlanka ha ba kgutletse ho baprista le ho bafarisi, ba botswa, ha thwe: Ha le a ka la mo tlisa keng?

46. Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.

Johanne 7