Johanne 7:3-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba banababo ba re ho yena: Tloha mona, o ye Judea, barutuwa ba hao le bona ba tle ba bone mesebetsi eo o e etsang.

4. Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejwa; ha o etsa tseo, o iponahatse ho lefatshe.

5. Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena.

6. Jesu a re ho bona: Nako ya ka ha e eso ho tle; empa nako ya lona e ntse e le yona kamehla.

7. Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.

8. Lona, nyolohelang moketeng; nna ha ke eso ho be le ho nyolohela moketeng oo, kahobane nako ya ka ha eso ho phethehe.

9. Eitse hobane a ba bolelle taba tseo, a itulela Galilea.

10. Empa banababo ha ba se ba nyolohile, le yena a nyolohela moketeng, e seng pontsheng, a mpa a ya ka mokgwa wa sephiri.

11. Bajuda ba ne ba mmatla moketeng, ba re: Elwa o kae?

12. Mme phapang e ne e le kgolo hodima hae hara setjhaba. Ba bang ba ne ba re: O molemo; ba bang ba re: Tjhe; empa o thetsa batho.

13. Leha ho le jwalo, ho ne ho se motho ya buang tsa hae pepeneneng, ka baka la ho tshaba Bajuda.

14. Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a nyolohela tempeleng, a ruta.

15. Bajuda ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo jwang, athe ha a ka a ithuta?

16. Jesu a ba araba, a re: Thuto ya ka hase ya ka, empa e le ya ya nthomileng.

17. Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.

18. Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.

19. Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?

20. Bongata ba mo araba, ba re: O na le motemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?

21. Jesu a ba araba, a re: Ke entse mosebetsi o le mong, mme le maketse kaofela ke wona.

22. Moshe o le file lebollo — hase hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho bontate moholo, — mme le bolotsa motho ka Sabatha.

Johanne 7