Johanne 7:25-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba mmatlang ho mmolaya na?

26. Athe bonang, ke enwa o bua pepeneneng, mme ha ba mo araba ka letho; na baholo ba tsebile ruri hobane ke yena e leng Kreste na?

27. Enwa re mpa re mo tseba moo a tswang teng, athe Kreste, mohla a tlang, ha ho motho ya tla tseba moo a tswang teng.

28. Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe.

29. Empa nna ke a mo tsebe, kahobane ke tswa ho yena, mme ke romilwe ke yena.

30. Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.

31. Ba bangata hara bongata ba dumela ho yena, ba re: Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsweng ke enwa na?

32. Yare ha bafarisi ba utlwa kamoo ba mo sebang kateng, bona bafarisi le baprista ba boholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.

33. Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.

34. Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona; le moo ke leng teng, le tla sitwa ho tla.

35. Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?

36. Taba eo a e boletseng e reng, ha a re: Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona, le moo nna ke leng teng, lona le sitwa ho tla?

Johanne 7