Johanne 7:20-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Bongata ba mo araba, ba re: O na le motemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?

21. Jesu a ba araba, a re: Ke entse mosebetsi o le mong, mme le maketse kaofela ke wona.

22. Moshe o le file lebollo — hase hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho bontate moholo, — mme le bolotsa motho ka Sabatha.

23. Na ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe, le nkgalefetse keng ha ke fodisitse motho kahohle Sabatha na?

24. Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.

25. Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba mmatlang ho mmolaya na?

26. Athe bonang, ke enwa o bua pepeneneng, mme ha ba mo araba ka letho; na baholo ba tsebile ruri hobane ke yena e leng Kreste na?

27. Enwa re mpa re mo tseba moo a tswang teng, athe Kreste, mohla a tlang, ha ho motho ya tla tseba moo a tswang teng.

28. Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe.

29. Empa nna ke a mo tsebe, kahobane ke tswa ho yena, mme ke romilwe ke yena.

30. Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.

31. Ba bangata hara bongata ba dumela ho yena, ba re: Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsweng ke enwa na?

32. Yare ha bafarisi ba utlwa kamoo ba mo sebang kateng, bona bafarisi le baprista ba boholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.

33. Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.

34. Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona; le moo ke leng teng, le tla sitwa ho tla.

35. Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?

Johanne 7