Johanne 7:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.

2. Mokete wa Bajuda wa Metlotlwane o ne o le haufi.

3. Yaba banababo ba re ho yena: Tloha mona, o ye Judea, barutuwa ba hao le bona ba tle ba bone mesebetsi eo o e etsang.

4. Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejwa; ha o etsa tseo, o iponahatse ho lefatshe.

5. Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena.

6. Jesu a re ho bona: Nako ya ka ha e eso ho tle; empa nako ya lona e ntse e le yona kamehla.

7. Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.

Johanne 7