Johanne 6:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo?

10. Yaba Jesu o re: Dudisang batho fatshe. Mme jwang bo ne bo le boholo bakeng seo. Yaba banna ba dula, ba batlile ho ba dikete tse hlano palong.

11. Jwale Jesu a nka mahobe, mme eitse hobane a lebohe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela ba dutseng; ba aba le tsona dihlatswana, e mong le e mong kamoo o ratang kateng.

12. Eitse ha ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: Bokellang dingwthwana tse setseng, ho tle ho se ke ha senyeha letho.

13. Yaba ba di bokella, ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka dingwathwana tsa mahobe a mahlano a harese, tse siilweng ke ba jeleng.

14. Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.

15. Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.

16. Yare mantsiboya barutuwa ba hae ba theohela lewatleng.

17. Ba kena sekepaneng se seng, ba re ba tshela lewatle ho ya Kapernauma. Shwalane ya ba tshwara, Jesu a eso ho tle ho bona,

18. lewatle la ba la kokomoswa ke moya o moholo o fokang.

19. Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba.

20. A mpa a re ho bona: Ke nna; se tshoheng.

21. Yaba ba mo nkela sekepaneng ka thabo; mme sekepana sa hla sa fihla hang lebopong la moo ba neng ba ya teng.

Johanne 6