Johanne 6:6-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. O ne a bua jwalo ka ho mo leka, hobane a ne a tseba seo a tla se etsa.

7. Filipi a mo araba, a re: Mahobe a didenare tse makgolo a mabedi a ke ke a ba lekana, hore e mong le e mong wa bona a nke ho honyenyane.

8. E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena:

9. Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo?

10. Yaba Jesu o re: Dudisang batho fatshe. Mme jwang bo ne bo le boholo bakeng seo. Yaba banna ba dula, ba batlile ho ba dikete tse hlano palong.

11. Jwale Jesu a nka mahobe, mme eitse hobane a lebohe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela ba dutseng; ba aba le tsona dihlatswana, e mong le e mong kamoo o ratang kateng.

12. Eitse ha ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: Bokellang dingwthwana tse setseng, ho tle ho se ke ha senyeha letho.

13. Yaba ba di bokella, ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka dingwathwana tsa mahobe a mahlano a harese, tse siilweng ke ba jeleng.

14. Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.

15. Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.

Johanne 6