58. Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng.
59. A bolela taba tseo Kapernauma, a ntse a ruta sinagogeng.
60. Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang?
61. Yare ha Jesu a tseba ka ho yena hobane barutuwa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo ho a le kgopisa na?
62. Ho tla ba jwang, ha le bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?
63. Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.
64. Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka.
65. A ba a re: Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa ho fuwe ke Ntate.
66. Haesale mohlang oo, barutuwa ba bangata ba hae ba kgutlela morao, ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena.
67. Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: Na le lona le rata ho ikela na?
68. Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng.
69. Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo!
70. Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose!
71. O ne a bolela Judase Iskariota, mora Simone; hobane ke yena ya neng a tla mo eka, e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.