52. Yaba Bajuda ba tsekisana hammoho, ba re: Na eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?
53. Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ya Mora motho, le sa nwe madi a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona.
54. Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.
55. Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete.
56. Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena.
57. Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le yena ya jang nna o tla phela ka nna.
58. Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng.
59. A bolela taba tseo Kapernauma, a ntse a ruta sinagogeng.
60. Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang?
61. Yare ha Jesu a tseba ka ho yena hobane barutuwa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo ho a le kgopisa na?
62. Ho tla ba jwang, ha le bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?
63. Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.