Johanne 6:35-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna a ke ke a lapa, mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong.

36. Empa ke le boleletse hore le mpone, empa ha le dumele.

37. Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna; mme ya tlang ho nna, nke ke ka mo lahlela ntle.

38. Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.

39. Mme ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se lahle letho la tsohle tseo a nneileng tsona, ke mpe ke di tsose ka letsatsi la bofelo.

40. Ho ratwang ke ya nthomileng ke hore, e mong le e mong ya tadimang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.

41. Yaba Bajuda ba mo seba ka hobane a kile a re: Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong.

42. Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?

Johanne 6