Johanne 6:16-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Yare mantsiboya barutuwa ba hae ba theohela lewatleng.

17. Ba kena sekepaneng se seng, ba re ba tshela lewatle ho ya Kapernauma. Shwalane ya ba tshwara, Jesu a eso ho tle ho bona,

18. lewatle la ba la kokomoswa ke moya o moholo o fokang.

19. Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba.

20. A mpa a re ho bona: Ke nna; se tshoheng.

21. Yaba ba mo nkela sekepaneng ka thabo; mme sekepana sa hla sa fihla hang lebopong la moo ba neng ba ya teng.

22. Ka hosasane, eitse ha bongata bo setseng mose wane wa lewatle bo lemoha hobane ho ne ho se sekepana moo, haese seo barutuwa ba hae ba keneng ho sona, le hobane Jesu a ne a sa ka a kena le barutuwa ba hae sekepaneng seo, barutuwa ba hae ba mpa ba ile ba nnotshi,

23. empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe,

24. jwale, bongata ha bo bona hobane Jesu le bona barutuwa ba hae ha ba sa le yo moo, ba kena le bona dikepaneng, ba ya Kapernauma, ba ntse ba batla Jesu.

25. Eitse ha ba mo fumana mose wane wa lewatle, ba re ho yena: Rabbi, o tlile neng mona?

26. Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora.

27. Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.

28. Ba re ho yena: Re tla etsang hore re sebetse mesebetsi ya Modimo na?

29. Jesu a ba araba, a re: Mosebetsi wa Modimo ke hoba le dumele ho eo o mo romileng.

30. Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?

31. Bontata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba file bohobe bo tswang lehodimong, ba eja.

32. Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.

33. Hobane bohobe ba Modimo ke bo theohileng lehodimong, bo neang lefatshe bophelo.

Johanne 6